Maseru- Sannere o ntse a tsoela pele ho fihla sehlohlolong sa nalane ea hae e fihletseng moqhaka oa tlhoho ho Lesotho Music Awards (LMAs) tsa Ngoahola (2024) moo e bileng sebini sa pele sa ho hapa likhau tsa “Sebini Sa Selemo le Pina Ea Selemo” ka bosiu bo le bong. Likhau tsena li ile tsa tšoaea sehlohlolo sa leeto la phetoho, se totobatsoa ke boqapi ba hae bo sebete, boitelo ba mosebetsi, le kamano e tebileng le setso sa hae sa Basotho.
Leeto La Sannere Relebohile Monaphathi, a tsebahalang haholo ka lebitso la Sannere, o qalile leeto la ‘mino ka selemo sa 2018, a ‘repa’ ka Senyesemane pele a etsa qeto e ileng ea fetola bophelo ba hae ka 2022. Ha a batla molumo o mo khethollang ho ba bang, o ile a nka khefuu ka 2021 ho tsosolosa bonono ba hae. “Phomolo eo e bile qeto e ntle ka ho fetesisa bophelong ba ka,” Sannere o rialo. “Ka 2022, ke ile ka khutla molumo o hlakile o entseng ho re ke atlehe ka 2024, e ne e le qeto e kotsi ena empa kannete, eona e ile ea atleha.”
Leeto lena e ne e ka ba phoso ha e ba le ne le se na litšusumetso tse itseng. Khothaletso e kholo leetong lena ke talenta ea hae le metsoalle e mo tšehetsang, a bile a susumetsoa hape libini tsa lehae tse kang Magic In Progress (M.I.P) le Sthola, Sannere o ile a itšetleha ka kholiso ea hae ea Lesotho. “Ho ba Mosotho ho nthusitse ho iphumana. Ke emetse Lesotho ka motlotlo ka ‘mino oa ka, joale ke bonts’a lefatše setso sa rona se manoni,” o rialo.
Ho Hlola Ho Hoholo
Ho nka likhau tsa “Pina le Sebini Sa Selemo ” ho ile hoa siea Sannere a hlolletsoe. “Tlholo ena e netefalitse lintho tse tharo: Ke hloka ho tsoela pele, ha ke so fihlele bokhoni ba ka bo felletseng, ’me ke tlameha ho sebetsa ka thata hofeta mona ho boloka katleho ena,” o boletse joalo. Pina e hlotseng, “Ha Le Felile U Njoetse,” ke karolo ea letoto la lipina tsa hae tsa lerato tse qalileng ka “Lerato.” E ile ea hapa lipelo tsa bamameli ka lipale tsa eona tse sa thekeseleng le morethetho o monate oa eona.
Sannere o ketekile tlholo ea hae ka tsela e ikhethang- ka ho khutlela “studiong”. “Thabo e ile ea matlafatsa boqapi ba ka, esale ke sebetsa ke sa khaotse ho tloha ka nako eo,” o boletse joalo. Leha a ntse a tumme, Sannere o lula a itihile, a leboha balateli ba hae ka katleho ea hae. “Ho batšehetsi ba ka, ke leboha ka mehla. Lerato la lona le ea ntšireletsa,’ me ke tšepa ho le etsa motlotlo ho li LMA tse tlang.”
Setsebi Sa Popota
Mokhoa oa ho qapa oa Sannere ha o tloaelehe empa o sebetsa hantle. “Ha ke rera nakong ea boqapi, ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e tsamaea ka semelo,” o ile a hlalosa. Mokhoa ona oa boqapi o mo thusitse ho etsa pina e hapileng khau ea “Ha Le Felile U Njoetse,”.
‘Mino oa hae ha se oa boithabiso feela- ke thuto. “Ke ipona ke le tichere. ‘Mino oa ka o tsebisa batho puo ea Sesotho, setso, le bochaba ba bona,” Sannere o cho ka motlotlo. Boitlamo bona ba ho boloka setso bo mo aroletse indasteri e ntseng e hola ea lefats’e.
Indasteri Le Lefa
Ho Sannere, likhau tsa Lesotho Music Awards ha lia hlomphuoa feela- ke lebone la tšepo bakeng sa libini tse hloahloa. “Li-LMA li re khothaletsa ho sebetsa ka thata le ho bonts’a lefats’e seo libini tsa Lesotho li ka se fihlelang. Ke tlotla ho elelloa,” a bolela joalo. Ha re sheba pele, Sannere o nahana ka indasteri ea ‘mino e kopaneng. “Re hloka ho sebelisana ho feta. Joalokaha maele a Sesotho a re, ‘Lefu la noha ke ho tsamaea e le ‘ngoe,’ bonngoe ke matla a rona,” a phethela.
Ho Latelang?
Maikutlo a Sannere a namela hole le Lesotho. Lilemong tse hlano tse tlang, o lora a bapala naheng ea Egepeta, a bonts’a ebile a khants’a setso sa Sesotho sethaleng sa machaba. O boetse o na le tšepo ea ho sebelisana le libini tsa machaba tse kang Lwah Ndlunkulu le Emtee ‘me o se a kopane le Emtee ka makhetlo a mangata ha a ntse a totobatsa. “Ba ea nkhothatsa, ‘me ke rata ho mamela ‘mino oa bona, ka hona, ho sebetsa le bona e ka ba toro e phethahetseng”.
Ha a ntse a bua ka thata mabapi le tokollo e tlang, Sannere o ile a supa ha pina e ncha e tla tsoa hamorao khoeling ena. “E re ba bone feela pina e se e re Qatso, SEEH!!!’me ba makale feela” a soasoa.
Lefa La Ho Etsa
Sannere o tšepa ho re ‘mino oa hae o tla hopoloa e le oa nako e telele le lefa la hae le tebe haholo joaloka la Morena Moshoeshoe Oa Pele. “’Mino o tšoana le ho lelekisa ngoanana- u fana ka sohle seo u ka se khonang, ‘me ha o o etsa hantle, o tla u hlokomela. Ke seo ke se batlang ka ‘mino oa ka, o holise le ho khothatsa le ba meloko e tlang,” o boletse joalo.
Kaha o se a ne le li LMA tse peli ka tlas’a lebanta la hae le boitelo bo ke keng ba thijoa, Sannere ha se sebini feela empa e se e le mokhatlo, mokhatlo o jereng boikhohomoso le bokhoni ba bana ba Lesotho holimo.
Photo credits: LMA
Views: 47