Melodscape

Malibe Mahao

Creator and Co-Founder

Keteko Ea Lefa La Lisuoa: Mohale Oa 'Mino Oa Hopoloa

Keteko Ea Lefa La Lisuoa: Mohale Oa 'Mino Oa Hopoloa

Maseru - Ka la 29 Pulungoana, selemong sa ho feta (2024), moketjana oa likhau tsa Lesotho Music Awards (LMAs) o ile oa tlotla mofu Lisuoa, mane Victory Hall. Lisuoa o ne a tsebahala ho ba bangata e le sebini sa ’mino oa Famo, ka hoo, ke moketjaneng ona moo a ileng a abeloa tlotla ea "Best Famo Act". Ka tlhompho, thabo le ho ameha maikutlo, morali oa hae, Mahali Thabanamahlanya, o ile a amohela khau lebitsong la hae, a nt’o hlalosa tsa leeto la ntat’ae, boqapi le tšusumetso ea hae. Mahali o ile a kena lieteng tsa Lisuoa a thatoloha joaloka toloki ho lokolisa lintlha tsa bophelo ba hae le moelelo o tebileng oa kananelo ea khau ena.

Qaleho Ea Morao, Phello Ea Bophelo Bohle Ho fapana le libini tse ngata tse qalang leeto la ‘mino bongoaneng, Lisuoa o ile a simolla lerato la hae la ’mino hamorao bophelong. Ha a ntse a lula Virginia, Free State, ke moo a ileng a haptjoa ke mesebetsi ea Ntate Khauta le Ntate Lekase. Bobeli ba bona ba khothatsa Lisuoa 'me ba mo ruta ho bina ba bile ba mo kenya pineng tsa bona e le sebini se lumelang, ho fihlela a nka qeto ea ho iketsetsa 'mino oa hae ka bo eena. Leeto la hae ho tloha ho ralitšoantšo ho ea ho sebini se tummeng le ile la matlafatsoa ke tumelo ea hae bokhoning ba hae le ts'usumetso eo a neng a e fumane ho lithaka tsa hae hammoho le baholoane ba hae.

Ad

24Graphix Advertisement

Ho hlahela naheng ea Lesotho ho ile hoa susumetsa 'mino oa Lisuoa haholo. Lipina tsa hae li keteka moetlo oa hae, lefa, lebollo, le linnete tsa letsatsi le letsatsi tsa bophelo ba Basotho. Ho tloha meketeng ea qalo ho ea ho litloaelo tse pharalletseng tsa sechaba, pale ea hae e hlakileng har’a lipale, e totobatsa bokheleke ba hae le talenta, tse amang balateli melokong eohle.

Bosiu Ba Ho Hopola

Phatlalatso ea tlholo ea Lisuoa e bile motsotso oa o thetsang pelo le maikutlo ho Mahali. "Ha ke utloa lebitso la hae le bitsoa, e ne e ka lefats'e le eme," o bolela joalo. "Ke ne ke utloa lentsoe la hae ka hloohong ea ka le mpolella, 'U fumane khau ena! E ts'oare hantle.'" Le hoja tlholo eo e sa ka ea tla e le ntho e makatsang ho Mahali, e ile ea tšoaea ketsahalo e bohlokoahali lefeng la ntat’ae.

Ha a sheba boiphihlelo bona, Mahali o ile a leboha balateli ba tšehelitseng ’mino oa Lisuoa. “Ena ha se tlholo ea ka ke le mong,” o rialo. “Ho qotsa ntate oa ka, ‘Lumelang Lironoko, Lumelang,’ e le ho thoholetsa batšehetsi ba hae ba tšepahalang.” Le ha mosebetsi oa hae o maphathaphathe o sitisitse ho keteka oa hae, teboho ea Mahali e khanya ka ho hlaka lithapelong tsa hae le ho ananela baholo-holo ba hae.

Lentsoe Le Ikhethang ’Minong Oa Famo

Boqapi ba Lisuoa bo ne bo fetelletse mantsoe. O ne a qapa merethetho (beats) ka kelello ea hae ’me a tataisa bahlahisi (producer) ba hae ho nts’a menahano ea hae e phela. Ts’ebetso ea hae e ne e sa tloaeleha empa e tlisa katleho. “Tsatsi La Botlokotsebe,” enngoe ea lipina tsa hae tse ratoang ke balateli, ke mohlala oa bohlale ba hae ‘minong. Leha a ile a susumetsoa ke Ntate Khauta le Ntate Lekas, lentsoe la Lisuoa le ile la lula e le la hae ka mokhoa o hlakileng, e le sesupo sa horena o khona ho ikemela.

Indasteri E Holang

Kananelo eo Lisuoa a e fumaneng ho bohlophisi ba LMAs e bonts’a tsoelopele ea indasteri ea ‘mino oa Lesotho. Meketjana e kang ena ha e keteka talenta ea libini tsa ‘mino eohle, e khothatsa libini ho ikitlaetsa le ho ipabola. Mahali o lumela hore tšebelisano, eseng tlholisano, ke senotlolo sa ho ntšetsa pele kholo ea indasteri ena ea rona.

“Ke lakatsa e ka libini li ka sebelisa tšusumetso ea tsona ho ama ba bang hantle,” a hatsisa tlhokahalo ea bonngoe le morero ka har’a sechaba sa ‘mino.

Ho Boloka Lefa

Ha re shebela pele, Mahali o ikemiselitse ho boloka lefa la ntate oa hae. O phatlalalitse ho tsoa ho tlang hoa pina ea kamora lefu la hae, “Lironoko 2,” e tla tsoa ka la 13 Pherekhong 2025. Pina ena e tla fumaneha lithaleng tse kholo tse hasang ‘mino, ke ntšetso-pele ea bonono le pale ea Lisuoa.

Ha a koala, Mahali o ile a leboha haholo batšehetsi ba Lisuoa. “Ke ea le leboha ka ho lula le bontša lerato ’minong oa ntate oa ka. Ke tšepa ho re o tla tsoela pele ho phomola ka khotso, ‘me ke tla lula ke loanela ho hlompha lefa la hae.” Ha pale ena e ntse e tsoela pele, ho hlakile ho re lentsoe la Lisuoa, le ha le khutsitse, le ntse le tsoela pele ho luma ka bophelo boo a bo amileng le ’mino oo a o thehileng.

Photo credits: LMA

Views: 118

Share Article


More Articles